19. Barabase eo o ne a hlahletswe tjhankaneng ka baka la moferefere o ileng wa eba teng hara motse le ka baka la polao.
20. Pilato a bua le bona hape, a rata ho lokolla Jesu.
21. Empa ba howa, ba re: “Mo thakgise, mo thakgise!”
22. A re ho bona kgetlo la boraro: “Hobaneng? O entse bobe bofe? Ha ke a fumana letho ho yena le ka lokelang lefu; ka baka leo, ke tla mo shapa, ke nto mo lokolla.”
23. Empa ba pheella ho howa ka mantswe a phahameng, ba kopa hore a thakgiswe; yaba mehoo ya bona e a mo hlola.
24. Pilato a ahlola ka hore kopo ya bona e phethwe.
25. A lokolla eo ba neng ba mo kopa, ya neng a hlahletswe tjhankaneng ka baka la moferefere le polao, a ba neela Jesu ho etsa borata ka yena.
26. Ha ba ntse ba qhoba Jesu, ba tshwara motho e mong wa Sirene, ya bitswang Simone, ya neng a etswa naheng, ba mo jarisa sefapano, a latela Jesu.
27. Jesu a latelwa ke letshwelehadi la batho, le basadi ba neng ba mo hlomohetse, ba mo llela.
28. Jesu a retelehela ho bona, a re: “Baradi ba Jerusalema, se nteleleng; iteleleng, le llele le bana ba lona,
29. hobane bonang, matsatsi a ya tla, ao ka wona ho tla thwe: <Ho lehlohonolo dinyopa, le popelo tse sa kang tsa tswala, le matswele a sa kang a anyesa.>
30. Ke moo ba tla qala ho re ho dithaba:“ <Re weleng hodimo!>“le ho maralla:“ <Re kwaheleng!>
31. “Ha e le moo ba etsa tsena sefateng se metsi, ho tla etsahalang ho se omeletseng?”