Luka 23:14-23 BIBELE (SSO89SO)

14. a re ho bona: “Le tlisitse monna enwa ho nna e le ya kgelosang batho, empa bonang, nna, ha ke mmotsisisa moo le leng teng, ha ke a fumana molato ho yena ka tseo le mo qosang ka tsona.

15. Le Heroda ha a ya o fumana, hobane o mo kgutliseditse ho rona. Ha ho letho leo a le entseng le ka lokelang lefu.

16. Ka baka leo, ke tla mo shapa, ke nto mo lokolla.”

17. Jwale o ne a tlameha ho ba lokollela motho a le mong ka mokete o mong le o mong wa Paseka.

18. Empa bohle ba howa hammoho, ba re: “Bolaya enwa, o re lokollele Barabase!”

19. Barabase eo o ne a hlahletswe tjhankaneng ka baka la moferefere o ileng wa eba teng hara motse le ka baka la polao.

20. Pilato a bua le bona hape, a rata ho lokolla Jesu.

21. Empa ba howa, ba re: “Mo thakgise, mo thakgise!”

22. A re ho bona kgetlo la boraro: “Hobaneng? O entse bobe bofe? Ha ke a fumana letho ho yena le ka lokelang lefu; ka baka leo, ke tla mo shapa, ke nto mo lokolla.”

23. Empa ba pheella ho howa ka mantswe a phahameng, ba kopa hore a thakgiswe; yaba mehoo ya bona e a mo hlola.

Luka 23