1. Yaba lekgotla lohle le a ema, mme le mo isa ho Pilato.
2. La qala ho mo qosa, la re: “Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba sa rona, a thibela ha ho ntshetswa Sesare lekgetho, mme a ipolela hore ke Kreste, Kgosi.”
3. Pilato a mmotsa, a re: “Na o kgosi ya Bajuda?”A mo araba, a re: “Wena o rialo.”
4. Pilato a re ho baprista ba baholo le ho matshwele: “Ha ke fumane molato ho motho enwa.”
5. Empa bona ba pheella, ba re: “O hlohleletsa setjhaba ka ho ruta Judea yohle, ho tloha Galelea ho fihlela kwano.”
6. Yare Pilato ha a utlwa, a botsa hore na motho eo ke Mogalelea na.
7. Ha a se a tsebile hore o pusong ya Heroda, a mo romela ho Heroda, kaha le yena a ne a le Jerusalema matsatsing ao.
8. Jwale Heroda a thaba haholo ha a bona Jesu, hobane e ne e le kgale a lakatsa ho mmona. O ne a utlwile tsa hae, mme a tshepile ho bona mohlolo o etswang ke yena.
9. Yaba Heroda o mmotsa potso tse ngata, empa Jesu a se ke a mo araba.
10. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba eme ba mo qosa ka matla.
11. Yare hoba Heroda le bahlabani ba hae ba mo nyedise, ba mo some, ba mo apesa seaparo se mahadihadi, mme Heroda a mo kgutlisetsa ho Pilato.
12. Ka lona letsatsi leo Heroda le Pilato ya eba metswalle, athe pele e ne e le dira.
13. Jwale Pilato a bitsa baprista ba baholo, le babusi, le batho,