Luka 22:8-19 BIBELE (SSO89SO)

8. Jesu a roma Petrose le Johanne, a re: “Eyang, le re lokisetse Paseka, hore re tle re e je.”

9. Ba re ho yena: “O rata ha re e lokisetsa kae?”

10. A re ho bona: “Bonang, ha le kena motseng le tla kgahlana le motho ya jereng nkgo ya metsi; mo lateleng ho ya tlung eo a kenang ho yona.

11. Le re ho monga ntlo: <Moruti o re ho wena: Kamore e kae, eo nka jelang Paseka ho yona mmoho le barutuwa ba ka?>

12. Motho eo o tla le bontsha kamore e kahodimo, e kgolo, e nang le thepa. Le lokisetse Paseka hona teng.”

13. Ba ya, ba fumana ho le jwalokaha a ba boleletse, mme ba lokisetsa Paseka.

14. Nako ha e fihlile, Jesu a qala ho ja le baapostola ba hae.

15. A re ho bona: “Ke lakaditse haholo ho ja Paseka ena le lona, ke eso hlokofatswe,

16. hobane ke a le bolella hore ha nka ke ka e ja ho fihlela e phethahatswa Mmusong wa Modimo.”

17. A nka senwelo, a leboha, a re: “Se nkeng, mme le se sielane,

18. hobane ke a le bolella, ho tloha jwale ha nka ke ka hlola ke enwa se tswang tholwaneng ya morara ho fihlela Mmuso wa Modimo o etla.”

19. A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Hona ke mmele wa ka o fanwang ka baka la lona; etsang hona hore le tle le nkgopole.”

Luka 22