Luka 22:62-71 BIBELE (SSO89SO)

62. A tswela kantle a lla habohloko.

63. Banna ba tshwereng Jesu ba mo soma, ba mo otla.

64. Ba ne ba mo kgurumetsa sefahleho, ba mmotsa, ba re: “Porofeta! Ke mang ya o otlileng?”

65. Ba mmuela le tse ding tse ngata ka ho mo nyefola.

66. Ha bo sele, lekgotla la baholo ba setjhaba la phutheha, le baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao. Ba tlisa Jesu kgotleng la bona,

67. ba re: “Haeba o le Kreste, re bolelle.”A re ho bona: “Ha nka le bolella, ha le ka ke la ntumela,

68. mme ha nka le botsa, ha le ka ke la nkaraba.

69. Empa ho tloha jwale, Mora Motho o tla dula ka letsohong le letona la Modimo ya matla wohle.”

70. Jwale bohle ba re: “Ha ho le jwalo, na o Mora wa Modimo?”Yena a re ho bona: “Le a bolela, ke yena.”

71. Ba re: “Re sa hloka bopaki ba eng? Re ikutlwetse molomong wa hae.”

Luka 22