Luka 22:51-66 BIBELE (SSO89SO)

51. Jesu a re: “Tlohelang, ho lekane!” Yaba o ama tsebe ya hae, o a mo fodisa.

52. Jwale Jesu a re ho baprista ba baholo le balaodi ba Tempele ba tlileng ho mo tshwara: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ka disabole le dikoto tjee?

53. Ke ne ke ntse ke ena le lona ka matsatsi wohle ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara! Empa nako ena ke ya lona le ya Matla a Lefifi.”

54. Yare hoba ba mo tshware, ba mo isa ha Moprista e Moholo. Petrose a latela a le sebakana.

55. Ha ba se ba besitse mollo hara lebala, mme ba dutse hammoho, Petrose a dula hara bona.

56. Lekgabunyane le leng ha le mmona a dutse mollong, la mo tadimisisa, la re: “Le enwa o ne a ena le yena.”

57. Empa a latola, a re: “Hela mosadi, ha ke mo tsebe!”

58. Ho se hokae e mong a mmona, a re: “Le wena o wa bona.”Petrose a re: “He, monna, ha ke yena!”

59. Ha ho fetile nako e ka bang hora, e mong hape a tiisa, a re: “Kannete le enwa o ne a ena le yena, etswe ke Mogalelea.”

60. Empa Petrose a re: “Hela, monna, ha ke tsebe seo o se bolelang.” Hanghang, a sa bua, mokoko wa lla.

61. Yaba Morena o a reteleha, o tadima Petrose, mme Petrose a hopola polelo ya Morena, kamoo a ileng a re ho yena kateng: “Kajeno, pele mokoko o lla, o tla be o se o ntatotse hararo.”

62. A tswela kantle a lla habohloko.

63. Banna ba tshwereng Jesu ba mo soma, ba mo otla.

64. Ba ne ba mo kgurumetsa sefahleho, ba mmotsa, ba re: “Porofeta! Ke mang ya o otlileng?”

65. Ba mmuela le tse ding tse ngata ka ho mo nyefola.

66. Ha bo sele, lekgotla la baholo ba setjhaba la phutheha, le baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao. Ba tlisa Jesu kgotleng la bona,

Luka 22