51. Jesu a re: “Tlohelang, ho lekane!” Yaba o ama tsebe ya hae, o a mo fodisa.
52. Jwale Jesu a re ho baprista ba baholo le balaodi ba Tempele ba tlileng ho mo tshwara: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ka disabole le dikoto tjee?
53. Ke ne ke ntse ke ena le lona ka matsatsi wohle ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara! Empa nako ena ke ya lona le ya Matla a Lefifi.”
54. Yare hoba ba mo tshware, ba mo isa ha Moprista e Moholo. Petrose a latela a le sebakana.
55. Ha ba se ba besitse mollo hara lebala, mme ba dutse hammoho, Petrose a dula hara bona.
56. Lekgabunyane le leng ha le mmona a dutse mollong, la mo tadimisisa, la re: “Le enwa o ne a ena le yena.”
57. Empa a latola, a re: “Hela mosadi, ha ke mo tsebe!”
58. Ho se hokae e mong a mmona, a re: “Le wena o wa bona.”Petrose a re: “He, monna, ha ke yena!”
59. Ha ho fetile nako e ka bang hora, e mong hape a tiisa, a re: “Kannete le enwa o ne a ena le yena, etswe ke Mogalelea.”
60. Empa Petrose a re: “Hela, monna, ha ke tsebe seo o se bolelang.” Hanghang, a sa bua, mokoko wa lla.
61. Yaba Morena o a reteleha, o tadima Petrose, mme Petrose a hopola polelo ya Morena, kamoo a ileng a re ho yena kateng: “Kajeno, pele mokoko o lla, o tla be o se o ntatotse hararo.”
62. A tswela kantle a lla habohloko.
63. Banna ba tshwereng Jesu ba mo soma, ba mo otla.
64. Ba ne ba mo kgurumetsa sefahleho, ba mmotsa, ba re: “Porofeta! Ke mang ya o otlileng?”