44. Ha a le ditlallong tsa lefu a rapela ka ho fetisisa, mme mofufutso wa hae wa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.
45. Ha a rapetse a ya ho barutuwa, a ba fumana ba kgalehile ke maswabi,
46. mme a re ho bona: “Le robaletseng? Tsohang le rapele, hore le se kene molekong.”
47. Yare Jesu a sa bua, ha hlaha letshwele, mme e mong wa ba leshome le metso e mmedi ya bitswang Judase, o ne a le eteletse pele. Yaba o atamela ho Jesu, hore a mo ake.
48. Jesu a re ho yena: “Judase, na o ka eka Mora Motho ka kako na?”
49. Yare ha ba potapotileng Jesu ba bona se tla etsahala, ba re: “Morena, re ba hlathe ka sabole?”
50. Yaba e mong wa bona o se a hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, a mo poma tsebe ya letsoho le letona.
51. Jesu a re: “Tlohelang, ho lekane!” Yaba o ama tsebe ya hae, o a mo fodisa.
52. Jwale Jesu a re ho baprista ba baholo le balaodi ba Tempele ba tlileng ho mo tshwara: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ka disabole le dikoto tjee?
53. Ke ne ke ntse ke ena le lona ka matsatsi wohle ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara! Empa nako ena ke ya lona le ya Matla a Lefifi.”
54. Yare hoba ba mo tshware, ba mo isa ha Moprista e Moholo. Petrose a latela a le sebakana.
55. Ha ba se ba besitse mollo hara lebala, mme ba dutse hammoho, Petrose a dula hara bona.
56. Lekgabunyane le leng ha le mmona a dutse mollong, la mo tadimisisa, la re: “Le enwa o ne a ena le yena.”
57. Empa a latola, a re: “Hela mosadi, ha ke mo tsebe!”