Luka 22:38-48 BIBELE (SSO89SO)

38. Yaba ba re: “Morena, bona, disabole tse pedi ke tsena.”A re ho bona: “Ho lekane.”

39. Jesu a tswa, a ya Thabeng ya Mehlwaare ka tlwaelo ya hae, mme barutuwa ba hae ba mo latela.

40. Yare ha a fihla sebakeng seo, a re ho bona: “Rapelang, hore le se kene molekong.”

41. A sutha pela bona, sebaka se ka bang kaa ka sa lejwe ha le betswa, mme a kgumama, a rapela,

42. a re: “Ntate, ha o rata, ako tlose senwelo sena ho nna; feela ho etswe thato ya hao, e seng ya ka.”

43. Lengeloi la hlaha ho yena le etswa lehodimong, la mo matlafatsa.

44. Ha a le ditlallong tsa lefu a rapela ka ho fetisisa, mme mofufutso wa hae wa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.

45. Ha a rapetse a ya ho barutuwa, a ba fumana ba kgalehile ke maswabi,

46. mme a re ho bona: “Le robaletseng? Tsohang le rapele, hore le se kene molekong.”

47. Yare Jesu a sa bua, ha hlaha letshwele, mme e mong wa ba leshome le metso e mmedi ya bitswang Judase, o ne a le eteletse pele. Yaba o atamela ho Jesu, hore a mo ake.

48. Jesu a re ho yena: “Judase, na o ka eka Mora Motho ka kako na?”

Luka 22