Luka 22:35-40 BIBELE (SSO89SO)

35. Jesu a re ho bona: “Ha ke ne ke le romile le se na sepatjhe, mokotla, le meqathatso, na le ile la haellwa ke letho?”Ba re: “Le letho.”

36. A re ho bona: “Empa jwale, ya nang le sepatjhe a se nke, le wona mokotla ka mokgwa o jwalo. Ya hlokang sabole a rekise seaparo sa hae, a e reke.

37. Ke a le bolella hore se ngotsweng, se reng: <O baleletswe le baetsadibe>, eka kgona se phethahale ho nna, hobane se ngotsweng ka nna se tla phethahala.”

38. Yaba ba re: “Morena, bona, disabole tse pedi ke tsena.”A re ho bona: “Ho lekane.”

39. Jesu a tswa, a ya Thabeng ya Mehlwaare ka tlwaelo ya hae, mme barutuwa ba hae ba mo latela.

40. Yare ha a fihla sebakeng seo, a re ho bona: “Rapelang, hore le se kene molekong.”

Luka 22