Luka 22:24-31 BIBELE (SSO89SO)

24. Kgang ya eba teng hara bona, ya hore na ke ofe ho bona ya ka nkwang e le e moholo.

25. Empa Jesu a re ho bona: “Mahosi a ditjhaba a a di busa, mme ba nang le matla hodima tsona ba bitswa bababalli.

26. Empa ho lona ho se be jwalo; e moholo hara lona a mpe a be jwaloka e monyenyane, mme ya tsamaisang a be jwaloka ya sebeletsang.

27. Ana e moholo ke ofe: Na ke ya jang kapa ya fepang? Na hase ya jang? Hara lona, nna ke jwaloka ya fepang.

28. Lona le ba ileng ba ema le nna ha ke ne ke lekwa.

29. Jwalokaha Ntate a nkgethetse Mmuso, le nna ke le kgethela wona,

30. hore le je, le nwe tafoleng ya ka Mmusong wa ka. Le tla dula diteroneng le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.

31. “Simone, Simone, bona, Satane o le kopile hore a le hlokole jwaloka koro,

Luka 22