Luka 22:10-24 BIBELE (SSO89SO)

10. A re ho bona: “Bonang, ha le kena motseng le tla kgahlana le motho ya jereng nkgo ya metsi; mo lateleng ho ya tlung eo a kenang ho yona.

11. Le re ho monga ntlo: <Moruti o re ho wena: Kamore e kae, eo nka jelang Paseka ho yona mmoho le barutuwa ba ka?>

12. Motho eo o tla le bontsha kamore e kahodimo, e kgolo, e nang le thepa. Le lokisetse Paseka hona teng.”

13. Ba ya, ba fumana ho le jwalokaha a ba boleletse, mme ba lokisetsa Paseka.

14. Nako ha e fihlile, Jesu a qala ho ja le baapostola ba hae.

15. A re ho bona: “Ke lakaditse haholo ho ja Paseka ena le lona, ke eso hlokofatswe,

16. hobane ke a le bolella hore ha nka ke ka e ja ho fihlela e phethahatswa Mmusong wa Modimo.”

17. A nka senwelo, a leboha, a re: “Se nkeng, mme le se sielane,

18. hobane ke a le bolella, ho tloha jwale ha nka ke ka hlola ke enwa se tswang tholwaneng ya morara ho fihlela Mmuso wa Modimo o etla.”

19. A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Hona ke mmele wa ka o fanwang ka baka la lona; etsang hona hore le tle le nkgopole.”

20. Ha ba se ba jele, a etsa jwalo le ka senwelo, a re: “Senwelo sena ke selekane se setjha se tiisitsweng ka madi a ka, a tshollelwang lona.

21. Empa bonang, ya nkekang o na le nna mona tafoleng.

22. Ruri Mora Motho o ikela ho ya kamoo ho rerilweng kateng; leha ho le jwalo, ho madimabe motho ya mo ekang.”

23. Ba qala ho botsana hore na ekaba ke ofe ho bona ya tla etsa hona.

24. Kgang ya eba teng hara bona, ya hore na ke ofe ho bona ya ka nkwang e le e moholo.

Luka 22