Luka 22:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Mokete wa bohobe bo sa lomoswang, o bitswang Paseka, o ne o atametse.

2. Kaha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba tshaba batho, ba batla leqheka la ho bolaya Jesu.

3. Yaba Satane o kena ka ho Judase ya bitswang Isekariota, eo e neng e le e mong wa ba leshome le metso e mmedi.

4. A ya buisana le baprista ba baholo le balaodi ba Tempele kamoo a ka ba neelang yena kateng.

5. Ba thaba, mme ba dumellana le yena ho mo fa tjhelete.

6. A utlwisisa, a ba a batla monyetla wa ho ba neela yena letshwele le le siyo.

7. Jwale ha fihla letsatsi la bohobe bo sa lomoswang, leo konyana ya Paseka e neng eka kgona e hlajwe ka lona.

8. Jesu a roma Petrose le Johanne, a re: “Eyang, le re lokisetse Paseka, hore re tle re e je.”

9. Ba re ho yena: “O rata ha re e lokisetsa kae?”

10. A re ho bona: “Bonang, ha le kena motseng le tla kgahlana le motho ya jereng nkgo ya metsi; mo lateleng ho ya tlung eo a kenang ho yona.

11. Le re ho monga ntlo: <Moruti o re ho wena: Kamore e kae, eo nka jelang Paseka ho yona mmoho le barutuwa ba ka?>

Luka 22