9. Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le meferefere, le se ke la tshoha, hobane eka kgona tseo di etsahale pele, empa bofelo bo ke ke ba eba teng hanghang.”
10. Yaba o re ho bona: “Ditjhaba di tla tsohelana matla, le mebuso e futuhelane.
11. Dibakeng tse ding ho tla ba le ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe, le mafu a sewa, le ditlala, le matshabeho, le dipontsho tse kgolo tse tswang lehodimong.
12. “Empa pele ho tseo tsohle ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba neelane ka lona matlung a thapelo le ditjhankaneng, ba le ise pela mahosi le babusisi ka baka la lebitso la ka.
13. Hona ho tla etsa hore le mpake.
14. Ka hona qetelang ka dipelong tsa lona hore ha le na ho itokisetsa boitshireletso ba lona,
15. hobane ke tla le nea mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa le ho bo lwantsha.
16. Batswadi ba lona, le bana babo lona, ba tla neelana ka lona, mme ba tla bolaya ba bang ba lona.
17. Bohle ba tla le hloya ka baka la lebitso la ka.
18. Empa ha ho ka ke ha lahleha leha e le qoba e le nngwe ya moriri hloohong tsa lona.
19. Ka tiisetso ya lona le tla ithuela bophelo.
20. “Etlare ha le bona Jerusalema e teelwa hare ke mabotho, le tsebe hore ho ripitlwa ha yona ho atametse.
21. Mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng, ba hara motse ba tswe, mme ba naheng ba se ke ba kena ho wona,
22. hobane ke wona matsatsi a phetetso, ho tle ho phethahale tsohle tse ngotsweng.