7. Ba mmotsa, ba re: “Moruti, dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ha tseo di se di tla etsahala?”
8. A re: “Hlokomelang hore le se ke la tshoha le kgeloswa, hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: <Ke nna,> ba be ba re: <Nako e atametse.> Le se ke la ba sala morao.
9. Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le meferefere, le se ke la tshoha, hobane eka kgona tseo di etsahale pele, empa bofelo bo ke ke ba eba teng hanghang.”
10. Yaba o re ho bona: “Ditjhaba di tla tsohelana matla, le mebuso e futuhelane.
11. Dibakeng tse ding ho tla ba le ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe, le mafu a sewa, le ditlala, le matshabeho, le dipontsho tse kgolo tse tswang lehodimong.
12. “Empa pele ho tseo tsohle ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba neelane ka lona matlung a thapelo le ditjhankaneng, ba le ise pela mahosi le babusisi ka baka la lebitso la ka.
13. Hona ho tla etsa hore le mpake.
14. Ka hona qetelang ka dipelong tsa lona hore ha le na ho itokisetsa boitshireletso ba lona,
15. hobane ke tla le nea mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa le ho bo lwantsha.
16. Batswadi ba lona, le bana babo lona, ba tla neelana ka lona, mme ba tla bolaya ba bang ba lona.