Luka 21:24-35 BIBELE (SSO89SO)

24. Ba tla bolawa ka sabole, ba qhalanyetswe ditjhabeng tsohle e le bathopuwa, mme Jerusalema e tla hatakelwa ke baditjhaba, ho fihlela nako ya bona e fela.

25. “Ho tla ba le dipontsho letsatsing, kgweding, le dinaleding. Lefatsheng ditjhaba di tla ba matswalong le tsielehong ka baka la modumo wa lewatle le maqhubu.

26. Batho ba tla akgeha ke tshabo le tebello ya tse tlang lefatsheng, hobane dinaledi tsa lehodimo di tla tsukutleha.

27. Jwale ba tla bona Mora Motho a etla a le lerung, ka matla le ka tlotla e kgolo.

28. E tle ere ha tsena di qala ho etsahala le pashalle, le phahamise dihlooho, hobane topollo ya lona e atametse.”

29. Jesu a ba bolella setshwantsho, a re: “Tadimang sefate sa feiye le difate tsohle:

30. Ha le di bona di fupa, le tseba ka bolona hore lehlabula le se le le haufi.

31. Ka mokgwa o jwalo le lona, ha le bona tsena di etsahala, le tsebe hore Mmuso wa Modimo o haufi.

32. “Ruri ke a le bolella hore moloko ona ha o ka ke wa fela tsena tsohle di eso etsahale.

33. Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka ha a ka ke a fela.

34. “Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,

35. hobane jwaloka sefi, le tla pitla bohle ba ahileng lefatsheng lohle.

Luka 21