Luka 21:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Yare ha Jesu a phahamisa mahlo, a bona barui ba nokela dinyehelo tsa bona letloleng la matlotlo.

2. A bona le mosadi e mong wa mohlolohadi, ya futsanehileng, a nokela teng tjheletana tse pedi.

3. Jesu a re: “Kannete ke a le bolella: Mohlolohadi eo ya futsanehileng o noketse ho feta bohle,

4. hobane bao bohle ba noketse dinyehelo ba nkile bonkong, athe yena o noketse seo a se nkileng bohloking, sohle seo a neng a ena le sona, seo a neng a tla phela ka sona.”

5. Yare ha ba bang ba bua ka Tempele, ba re e kgabisitswe ka majwe a matle le ka dinyehelo, Jesu a re:

6. “Ha e le tseo le di bonang, ho tla tla matsatsi ao ka wona ho ke keng ha siuwa lejwe hodima lejwe le leng le sa heletswa.”

7. Ba mmotsa, ba re: “Moruti, dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ha tseo di se di tla etsahala?”

Luka 21