8. Jesu a re ho bona: “Le nna he, ha ke le bolelle hore na ke etsa tsena ka matla afe.”
9. Jwale Jesu a bolella batho setshwantsho sena: “Motho e mong a na a lema tshimo ya morara, a e etsa seahlolo le balemi, mme a eta nako e telele.
10. Ka nako ya teng, a roma mohlanka ho balemi, hore ba tle ba mo nee karolo ya ditholwana tsa tshimo, empa balemi ba mo kgakgatha, ba mo kgutlisa a se na letho.
11. A boela a roma mohlanka e mong, empa le eo ba mo kgakgatha, ba mo tlontlolla, ba mo kgutlisa a se na letho.
12. A eketsa a roma wa boraro, empa le eo ba mo ntsha maqeba, ba mo lahlela kantle.
13. “Jwale monga tshimo a re: <Ke tla etsa jwang? Ke tla roma mora wa ka eo ke mo ratang; mohlomong yena ba tla mo hlompha.>
14. “Empa ha balemi ba mmona, ba buisana ba le bang, ba re: <Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, hore lefa e tle e be la rona.>
15. Yaba ba mo lahlela kantle ho tshimo, ba a mmolaya.“Ekaba monga tshimo o tla ba etsa jwang?
16. O tla tla, a timetse balemi bao, tshimo a e nee ba bang.”Yare ha ba utlwa hoo, ba re: “A ho se be jwalo!”
17. A ba tadima, a re: “Sena se ngotsweng ke ho reng:“ <Lejwe le lahlilweng ke dihahile fetohile la mantlha?>
18. “E mong le e mong ya welang hodima lejwe leo o tla tamukana, mme le tla silakanya eo le mo welang hodimo.”
19. Ditsebi tsa Molao le baprista ba baholo ba batla ho mo tshwara ka yona nako eo, hobane ba tsebile hore o boletse setshwantsho seo a lekanya bona, empa ba tshaba batho.