36. Ba ke ke ba hlola ba eshwa hobane ba tshwana le mangeloi. Ke bana ba Modimo hobane ba tsositswe bafung.
37. Ha e le hore bafu ba tla tsoha, le Moshe o ne a ngole ditabeng tsa sehlahla se meutlwa, moo a reng: <Morena ke Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo.>
38. Modimo hase wa bafu, ke Modimo wa ba phelang, hobane bohle ba phela ka yena.”
39. Ditsebi tse ding tsa Molao tsa araba, tsa re: “Moruti, o buile hantle,”
40. hobane di ne di ke ke tsa beta pelo ho mmotsa letho.
41. Jesu a re ho bona: “Batho ba ka le bolella hore Kreste ke mora wa Davida jwang?
42. Bukeng ya Dipesalema Davida ka boyena o re:“ <Morena o itse ho Morena wa ka:Dula ka letsohong la ka le letona,
43. ho fihlela ke bea dira tsa haokatlasa maoto a hao.>
44. Ha e le moo Davida a mmitsa<Morena,> ke mora wa hae jwang?”
45. Ha batho bohle ba ntse ba mametse, Jesu a re ho barutuwa ba hae:
46. “Hlokomelang Ditsebi tsa Molao tse thabelang ho tsamaya di apere diaparo tse phuphuthang, tse ratang ho dumediswa mabaleng a metse, le ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo, le ditulo tse kapele meketeng,
47. tse jang matlo a basadi ba bahlolohadi, mme di ntse di etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi. Di tla ahlolwa ka ho fetisisa.”