30. Wa bobedi,
31. le wa boraro, le bona ba mo kenela; ka mokgwa o jwalo, ka bosupa ba bona ba eshwa ba sa siye bana.
32. Qetellong le yena mosadi a shwa.
33. Ha ho le jwalo, tsohong ya bafu mosadi e tla ba mohatsa ofe ho bona, kaha e bile mohatsa bona ka bosupa ba bona?”
34. Jesu a re ho bona: “Bana ba lefatshe ba a nyalana, ba a nyadiswa,
35. empa ba nang le tokelo ya ho ba le kabelo tsohong ya bafu mehleng e tlang, bona ha ba nyalane, ha ba nyadiswe.
36. Ba ke ke ba hlola ba eshwa hobane ba tshwana le mangeloi. Ke bana ba Modimo hobane ba tsositswe bafung.
37. Ha e le hore bafu ba tla tsoha, le Moshe o ne a ngole ditabeng tsa sehlahla se meutlwa, moo a reng: <Morena ke Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo.>
38. Modimo hase wa bafu, ke Modimo wa ba phelang, hobane bohle ba phela ka yena.”
39. Ditsebi tse ding tsa Molao tsa araba, tsa re: “Moruti, o buile hantle,”
40. hobane di ne di ke ke tsa beta pelo ho mmotsa letho.
41. Jesu a re ho bona: “Batho ba ka le bolella hore Kreste ke mora wa Davida jwang?
42. Bukeng ya Dipesalema Davida ka boyena o re:“ <Morena o itse ho Morena wa ka:Dula ka letsohong la ka le letona,
43. ho fihlela ke bea dira tsa haokatlasa maoto a hao.>