Luka 20:19-34 BIBELE (SSO89SO)

19. Ditsebi tsa Molao le baprista ba baholo ba batla ho mo tshwara ka yona nako eo, hobane ba tsebile hore o boletse setshwantsho seo a lekanya bona, empa ba tshaba batho.

20. Ba disa Jesu ka hloko, mme ba roma dihlwela tse iketsang e ka ke batho ba lokileng, hore di tle di mo tshware ka dipuo, di mo neele mmusisi.

21. Tsa mmotsa, tsa re: “Moruti, re a tseba hore seo o se buang le seo o se rutang se nepahetse. Ha o ye ka tshobotsi, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete.

22. Na ho a dumelleha hore re ntshetse Sesare lekgetho kapa tjhe?”

23. Empa a lemoha bophokojwe ba bona, a re ho bona:

24. “Mpontsheng tjhelete ya denare. E na le setshwantsho sa mang le mongolo wa mang?”Ba re: “Ke tsa Sesare.”

25. A re ho bona: “Jwale he, neang Sesare seng sa Sesare le Modimo seng sa Modimo.”

26. Ba sitwa ho mo tshwasa ka dipuo pontsheng ya setjhaba, ba makalla karabo ya hae, mme ba kgutsa.

27. Jwale ha tla ba bang ba Basaduke, ba latolang tsoho ya bafu, ba mmotsa,

28. ba re: “Moruti, Moshe o re ngoletse hore: <Ha ngwanabo monna a eshwa a ena le mosadi, a se na bana, ngwanabo mofu a kenele mohlolohadi eo, a tswalle ngwanabo bana.>

29. Ho ne ho ena le bara ba motho ba supileng, yaba wa pele o a nyala, mme a shwa a se na bana.

30. Wa bobedi,

31. le wa boraro, le bona ba mo kenela; ka mokgwa o jwalo, ka bosupa ba bona ba eshwa ba sa siye bana.

32. Qetellong le yena mosadi a shwa.

33. Ha ho le jwalo, tsohong ya bafu mosadi e tla ba mohatsa ofe ho bona, kaha e bile mohatsa bona ka bosupa ba bona?”

34. Jesu a re ho bona: “Bana ba lefatshe ba a nyalana, ba a nyadiswa,

Luka 20