Luka 20:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka le leng la matsatsi ao, Jesu o ne a ruta batho ka Tempeleng, a ba bolella molaetsa o molemo. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao le baholo ba tla ho yena,

2. ba mmotsa, ba re: “Re bolelle hore na ke ka matla afe o etsang tsena, kapa na ya o neileng matla ana ke mang?”

3. A ba araba, a re: “Le nna ke tla le botsa potso, mme le nkarabe:

4. Na kolobetso ya Johanne e ne e etswa lehodimong kapa bathong?”

5. Ba buisana ba le bang, ba re: “Haeba re ka re: <Lehodimong,> o tla re: <Ke ka baka lang le sa kang la mo dumela?>

6. Empa haeba re ka re: <Bathong,> setjhaba sohle se tla re tlepetsa ka majwe, hobane se kgotswe hore Johanne e ne e le moporofeta.”

7. Yaba ba araba ka hore ha ba tsebe moo e neng e etswa teng.

8. Jesu a re ho bona: “Le nna he, ha ke le bolelle hore na ke etsa tsena ka matla afe.”

9. Jwale Jesu a bolella batho setshwantsho sena: “Motho e mong a na a lema tshimo ya morara, a e etsa seahlolo le balemi, mme a eta nako e telele.

10. Ka nako ya teng, a roma mohlanka ho balemi, hore ba tle ba mo nee karolo ya ditholwana tsa tshimo, empa balemi ba mo kgakgatha, ba mo kgutlisa a se na letho.

11. A boela a roma mohlanka e mong, empa le eo ba mo kgakgatha, ba mo tlontlolla, ba mo kgutlisa a se na letho.

12. A eketsa a roma wa boraro, empa le eo ba mo ntsha maqeba, ba mo lahlela kantle.

Luka 20