Luka 2:49-52 BIBELE (SSO89SO)

49. A re ho bona: “Le ne le mpatlelang? Na le ne le sa tsebe hore ke tshwanetse ho ba mosebetsing wa Ntate?”

50. Empa bona ba se ke ba utlwisisa taba eo a e buileng ho bona.

51. A theoha le bona, a ya Nasaretha, mme a nna a ikokobetsa tlasa bona. Mmae a boloka ditaba tseo tsohle ka pelong ya hae.

52. Jesu a nna a tswela pele bohlaleng, le ho holeng, mme a kgahleha pela Modimo le pela batho.

Luka 2