4. Le Josefa a nyoloha Galelea, motseng wa Nasaretha, a ya Judea, motseng wa Davida o bitswang Betlelehema, hobane yena e ne e le wa ntlo ya Davida le wa leloko la hae.
5. A ingodisa le Maria, eo a mo lebeleditseng, eo e neng e le moimana.
6. Ha ba le moo, nako ya hae ya ho beleha ya fihla,
7. mme a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phutha ka masela, a mo robatsa ka sejelong, hobane ba ne ba hlokile sebaka tlung ya baeti.
8. Naheng yona eo, ho ne ho ena le badisa ba phelang metebong, ba lebela mehlape ya bona bosiu.
9. Lengeloi la Morena la fihla ho bona, kganya ya Morena ya ba teela hare, mme ba tshaba haholo.
10. Lengeloi la re ho bona: “Se tshabeng. Bonang, ke le bolella molaetsa o molemo wa thabo e kgolo, eo e tla ba ya batho bohle.
11. Kajeno, motseng wa Davida, le tswaletswe Mopholosi, e leng Kreste Morena.
12. Hoo e tla ba pontsho ho lona, ke hore le tla fumana lesea le phuthilweng ka masela, le robetse ka sejelong.”
13. Yaba hanghang lebothohadi la lehodimo le ba le lengeloi leo, le roka Modimo, le re:
14. “Tlotla e be ho Modimomahodimong a hodimodimo,kgotso e be lefatshengho batho ba mo kgahlang!”
15. Hoba mangeloi a tlohe ho bona a kgutlele lehodimong, badisa ba buisana, ba re: “A re yeng Betlelehema, re yo bona taba eo e etsahetseng, eo Morena a re tsebisitseng yona.”
16. Ba ya ka potlako, mme ba fumana Maria le Josefa, le lesea le robetseng ka sejelong.
17. Hoba ba le bone, ba phatlalatsa taba eo ba e boleletsweng ka ngwana eo.
18. Bohle ba utlwang ba makalla tseo ba di bolellwang ke badisa;
19. ha e le Maria, a boloka ditaba tseo tsohle, a di lohotha pelong ya hae.
20. Badisa ba nto kgutla ba ntse ba tlotlisa Modimo, ba mo roka ka ditaba tsohle tseo ba di utlwileng, ba di boneng, jwalokaha ba boleletswe.