35. hore maikutlo a dipelo tse ngata a senolehe. Le wena ka sebele lerumo le tla o hlaba moya.”
36. Ho ne ho ena le moporofeta wa mosadi, ya bitswang Anna, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere. Anna eo o ne a se a tsofetse haholo, a ile a phela le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae.
37. Ya eba mohlolohadi ho fihlela a eba le dilemo tse mashome a robedi a metso e mene. O na sa tlohe Tempeleng, a sebeletsa Modimo bosiu le motsheare ka ho itima dijo le ka ho rapela.
38. A fihla ka yona nako eo, a boka Modimo, a bua ka Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo ya Jerusalema.
39. Ha ba se ba phethile tsohle ka ho ya ka Molao wa Morena, ba kgutlela Galelea, motseng wa habo bona, wa Nasaretha.
40. Ha e le ngwana a nna a hola, a matlafala, a tlala bohlale, mme mohau wa Modimo wa nna wa eba le yena.
41. Batswadi ba Jesu ba ne ba eya Jerusalema ka selemo le selemo, moketeng wa Paseka.
42. Ha a le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ba nyolohela teng ho latela moetlo wa mokete.
43. Hoba ba qete matsatsi a mokete, ha ba kgutlela hae, moshanyana Jesu a sala Jerusalema, batswadi ba hae ba sa tsebe.
44. Empa ka ho hopola hore o hara mmidimidi, ba tsamaya leeto la letsatsi, ba nto mmatla hara bang ka bona le hara ba tsebanang le bona.