Luka 2:33-39 BIBELE (SSO89SO)

33. Ntatae le mmae ba makalla tse bolelwang ka yena.

34. Simeone a ba hlohonolofatsa, mme a re ho Maria, mmae: “Bona, ngwana enwa o baletswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontsho e tlang ho hanyetswa,

35. hore maikutlo a dipelo tse ngata a senolehe. Le wena ka sebele lerumo le tla o hlaba moya.”

36. Ho ne ho ena le moporofeta wa mosadi, ya bitswang Anna, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere. Anna eo o ne a se a tsofetse haholo, a ile a phela le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae.

37. Ya eba mohlolohadi ho fihlela a eba le dilemo tse mashome a robedi a metso e mene. O na sa tlohe Tempeleng, a sebeletsa Modimo bosiu le motsheare ka ho itima dijo le ka ho rapela.

38. A fihla ka yona nako eo, a boka Modimo, a bua ka Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo ya Jerusalema.

39. Ha ba se ba phethile tsohle ka ho ya ka Molao wa Morena, ba kgutlela Galelea, motseng wa habo bona, wa Nasaretha.

Luka 2