Luka 2:24-38 BIBELE (SSO89SO)

24. le ho tlisa sehlabelo, ho ya ka se boletsweng Molaong wa Morena, e leng maebana-kgorwana a mabedi kapa madinyane a mabedi a maeba.

25. Jwale ho ne ho ena le monna Jerusalema ya bitswang Simeone. Monna eo o ne a lokile, a hlompha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele, mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.

26. O ne a senoletswe ke Moya o Halalelang hore a ke ke a shwa a eso bone Motlotsuwa wa Morena.

27. A iswa ke Moya ka Tempeleng, mme ha batswadi ba ngwana Jesu ba mo isa hore ba etse ka yena ho ya ka moetlo wa Molao,

28. Simeone a mo nka a boka Modimo, a re:

29. “Morena, jwale o ka lokollamohlanka wa hao ka kgotso,ho ya ka polelo ya hao;

30. hobane mahlo a ka a boneho pholosa ha hao,

31. hoo o ho lokisitsengpontsheng ya ditjhaba tsohle;

32. lesedi le bonesetsang baditjhabale tlotla ya setjhaba sa haosa Iseraele.”

33. Ntatae le mmae ba makalla tse bolelwang ka yena.

34. Simeone a ba hlohonolofatsa, mme a re ho Maria, mmae: “Bona, ngwana enwa o baletswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontsho e tlang ho hanyetswa,

35. hore maikutlo a dipelo tse ngata a senolehe. Le wena ka sebele lerumo le tla o hlaba moya.”

36. Ho ne ho ena le moporofeta wa mosadi, ya bitswang Anna, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere. Anna eo o ne a se a tsofetse haholo, a ile a phela le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae.

37. Ya eba mohlolohadi ho fihlela a eba le dilemo tse mashome a robedi a metso e mene. O na sa tlohe Tempeleng, a sebeletsa Modimo bosiu le motsheare ka ho itima dijo le ka ho rapela.

38. A fihla ka yona nako eo, a boka Modimo, a bua ka Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo ya Jerusalema.

Luka 2