Luka 2:15-28 BIBELE (SSO89SO)

15. Hoba mangeloi a tlohe ho bona a kgutlele lehodimong, badisa ba buisana, ba re: “A re yeng Betlelehema, re yo bona taba eo e etsahetseng, eo Morena a re tsebisitseng yona.”

16. Ba ya ka potlako, mme ba fumana Maria le Josefa, le lesea le robetseng ka sejelong.

17. Hoba ba le bone, ba phatlalatsa taba eo ba e boleletsweng ka ngwana eo.

18. Bohle ba utlwang ba makalla tseo ba di bolellwang ke badisa;

19. ha e le Maria, a boloka ditaba tseo tsohle, a di lohotha pelong ya hae.

20. Badisa ba nto kgutla ba ntse ba tlotlisa Modimo, ba mo roka ka ditaba tsohle tseo ba di utlwileng, ba di boneng, jwalokaha ba boleletswe.

21. Ha matsatsi a robedi a hore ngwana a bolotswe a fetile, a rewa lebitso la Jesu, leo a neng a le rewe ke lengeloi a eso emolwe.

22. Ha ho fetile matsatsi a tlhwekiso ya bona ho ya ka Molao wa Moshe, ba isa Jesu Jerusalema ho mo hlahisa pela Morena,

23. jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Morena, ho thwe: “Ngwana e mong le e mong e motona wa letsibolo o tla kgethelwa Morena,”

24. le ho tlisa sehlabelo, ho ya ka se boletsweng Molaong wa Morena, e leng maebana-kgorwana a mabedi kapa madinyane a mabedi a maeba.

25. Jwale ho ne ho ena le monna Jerusalema ya bitswang Simeone. Monna eo o ne a lokile, a hlompha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele, mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.

26. O ne a senoletswe ke Moya o Halalelang hore a ke ke a shwa a eso bone Motlotsuwa wa Morena.

27. A iswa ke Moya ka Tempeleng, mme ha batswadi ba ngwana Jesu ba mo isa hore ba etse ka yena ho ya ka moetlo wa Molao,

28. Simeone a mo nka a boka Modimo, a re:

Luka 2