1. Mehleng eo ha tswa taelo ya Sesare Augosetose, ya hore batho ba lefatshe lohle ba ngodiswe.
2. Ngodiso ena ya pele e bile teng ha Kireniuse e le mmusisi wa Siria.
3. Bohle ba ya ingodisa, e mong le e mong motseng wa habo.
4. Le Josefa a nyoloha Galelea, motseng wa Nasaretha, a ya Judea, motseng wa Davida o bitswang Betlelehema, hobane yena e ne e le wa ntlo ya Davida le wa leloko la hae.
5. A ingodisa le Maria, eo a mo lebeleditseng, eo e neng e le moimana.
6. Ha ba le moo, nako ya hae ya ho beleha ya fihla,
7. mme a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phutha ka masela, a mo robatsa ka sejelong, hobane ba ne ba hlokile sebaka tlung ya baeti.
8. Naheng yona eo, ho ne ho ena le badisa ba phelang metebong, ba lebela mehlape ya bona bosiu.