Luka 19:39-46 BIBELE (SSO89SO)

39. Yaba ba bang ba Bafarisi ba hara letshwele, ba re ho yena: “Moruti, kgalemela barutuwa ba hao.”

40. A araba, a re: “Ke a le bolella, haeba barutuwa bana ba ka kgutsa, majwe a tla howa.”

41. Ha a ntse a atamela, a bona motse, a o llela,

42. a re: “Hojane le wena o tsebile ka letsatsi lena tse hlahisang kgotso! Empa jwale di siretse mahlo a hao.

43. O tla fihlelwa ke matsatsi, ao ka wona dira tsa hao di tla o etsetsa thibella, di o teele hare, di o patise kahohle,

44. di o ripitle, wena le bana ba hao ba ho wena, mme di ke ke tsa siya lejwe hodima lejwe le leng, hobane o sa ka wa tseba nako eo Modimo a o etetseng ka yona ho o pholosa.”

45. Jesu a kena ka Tempeleng, a qala ho leleka ba rekisang,

46. a re ho bona: “Ho ngotswe, ho thwe:“ <Ntlo ya ka e tla ba ntlo ya thapelo,>empa lona le e entse<lehaha la dinokwane.> ”

Luka 19