Luka 19:37-48 BIBELE (SSO89SO)

37. Ha a atamela, a le motheong wa Thaba ya Mehlwaare, bongata bohle ba barutuwa ba qala ho rorisa Modimo ka mantswe a phahameng bo thabile, ka baka la diketso tsohle tse matla tseo bo di boneng,

38. ba re:“Ho bokwe Kgosi e tlangka lebitso la Morena!Kgotso e be lehodimongle tlotla mahodimonga hodimodimo!”

39. Yaba ba bang ba Bafarisi ba hara letshwele, ba re ho yena: “Moruti, kgalemela barutuwa ba hao.”

40. A araba, a re: “Ke a le bolella, haeba barutuwa bana ba ka kgutsa, majwe a tla howa.”

41. Ha a ntse a atamela, a bona motse, a o llela,

42. a re: “Hojane le wena o tsebile ka letsatsi lena tse hlahisang kgotso! Empa jwale di siretse mahlo a hao.

43. O tla fihlelwa ke matsatsi, ao ka wona dira tsa hao di tla o etsetsa thibella, di o teele hare, di o patise kahohle,

44. di o ripitle, wena le bana ba hao ba ho wena, mme di ke ke tsa siya lejwe hodima lejwe le leng, hobane o sa ka wa tseba nako eo Modimo a o etetseng ka yona ho o pholosa.”

45. Jesu a kena ka Tempeleng, a qala ho leleka ba rekisang,

46. a re ho bona: “Ho ngotswe, ho thwe:“ <Ntlo ya ka e tla ba ntlo ya thapelo,>empa lona le e entse<lehaha la dinokwane.> ”

47. O ne a ruta ka Tempeleng ka tsatsi le leng le le leng. Baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baetapele ba setjhaba ba ne ba batla ho mo timetsa,

48. empa ba ne ba sa fumane seo ba ka se etsang, hobane batho bohle ba ne ba mo kgomaretse, ba mo mamela.

Luka 19