26. “Ke a le bolella hore ho tla newa e mong le e mong ya nang le letho, empa ya se nang letho, le seo a nang le sona o tla se amohuwa.
27. Empa dira tsena tsa ka, tse sa kang tsa rata ha ke rena hodima tsona, di tliseng kwano, le di bolaele kapela ka.”
28. Hoba a bolele tsena, a ba etella pele, a nyolohela Jerusalema.
29. Eitse ha a atamela Bethefage le Bethania, pela thaba e bitswang Thaba ya Mehlwaare, a roma ba babedi ba barutuwa,
30. a re: “Eyang motseng o kapele ho lona, oo etlare ha le kena ho wona le fumane petsana e holehilweng, e esong ho palangwe ke motho; le e lokolle, le e tlise mona.
31. Ha motho a ka le botsa, a re: <Le e lokollelang?> le tla araba tjena: <Morena o a e hloka.> ”
32. Jwale ba romilweng ba ya, ba fumana ho le jwalokaha a ba boleletse.
33. Ha ba ntse ba lokolla petsana, beng ba yona ba re ho bona: “Le lokollelang petsana eo?”
34. Ba re: “Morena o a e hloka.”
35. Ba tlisa petsana ho Jesu, ba ala diaparo tsa bona hodima yona, ba mo palamisa yona.
36. Ha a ntse a tswela pele, batho ba ala diaparo tsa bona ka tseleng.
37. Ha a atamela, a le motheong wa Thaba ya Mehlwaare, bongata bohle ba barutuwa ba qala ho rorisa Modimo ka mantswe a phahameng bo thabile, ka baka la diketso tsohle tse matla tseo bo di boneng,
38. ba re:“Ho bokwe Kgosi e tlangka lebitso la Morena!Kgotso e be lehodimongle tlotla mahodimonga hodimodimo!”
39. Yaba ba bang ba Bafarisi ba hara letshwele, ba re ho yena: “Moruti, kgalemela barutuwa ba hao.”
40. A araba, a re: “Ke a le bolella, haeba barutuwa bana ba ka kgutsa, majwe a tla howa.”
41. Ha a ntse a atamela, a bona motse, a o llela,
42. a re: “Hojane le wena o tsebile ka letsatsi lena tse hlahisang kgotso! Empa jwale di siretse mahlo a hao.
43. O tla fihlelwa ke matsatsi, ao ka wona dira tsa hao di tla o etsetsa thibella, di o teele hare, di o patise kahohle,
44. di o ripitle, wena le bana ba hao ba ho wena, mme di ke ke tsa siya lejwe hodima lejwe le leng, hobane o sa ka wa tseba nako eo Modimo a o etetseng ka yona ho o pholosa.”