26. “Ke a le bolella hore ho tla newa e mong le e mong ya nang le letho, empa ya se nang letho, le seo a nang le sona o tla se amohuwa.
27. Empa dira tsena tsa ka, tse sa kang tsa rata ha ke rena hodima tsona, di tliseng kwano, le di bolaele kapela ka.”
28. Hoba a bolele tsena, a ba etella pele, a nyolohela Jerusalema.
29. Eitse ha a atamela Bethefage le Bethania, pela thaba e bitswang Thaba ya Mehlwaare, a roma ba babedi ba barutuwa,
30. a re: “Eyang motseng o kapele ho lona, oo etlare ha le kena ho wona le fumane petsana e holehilweng, e esong ho palangwe ke motho; le e lokolle, le e tlise mona.
31. Ha motho a ka le botsa, a re: <Le e lokollelang?> le tla araba tjena: <Morena o a e hloka.> ”
32. Jwale ba romilweng ba ya, ba fumana ho le jwalokaha a ba boleletse.