2. Ho ne ho ena le monna ya bitswang Sakiya, eo e neng e le hlooho ya balekgetho, e bile e le morui.
3. A rata ho bona hore na Jesu ke mang, empa a sitwa ka baka la letshwele, hobane o ne a le mokgutshwanyane.
4. A mathela pele, a hlwella sefateng sa feiye e hlaha, hore a tle a mmone, kaha a ne a tla feta ka tsela eo.
5. Ha Jesu a fihla sebakeng seo, a lelalla sefateng, a re ho yena: “Sakiya, phakisa o theohe, hobane eka kgona ke hlole tlung ya hao kajeno.”
6. A phakisa a theoha, mme a mo amohela ka thabo.
7. Yare ha ba bona hoo, ba korotla bohle, ba re: “O fapohetse ha monna wa moetsadibe.”
8. Sakiya a ema, a re ho Morena: “Bona, Morena, maruo a ka ke a arolela mafutsana ka lehare, mme eo ke mo amohileng ho hong ka mano ke mmuseletsa hona hane.”
9. Yaba Jesu o re: “Kajeno lelapa lena le fumane pholoho, kaha le yena e le mora wa Aborahama,
10. hobane Mora Motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng.”
11. Yare ba sa mametse tsena, Jesu a eketsa a bolela setshwantsho, hobane a ne a atametse Jerusalema, mme ba ne ba hopola hore Mmuso wa Modimo o se o tla hlaha kapelepele.
12. Yaba o re: “Monna e mong wa leloko la borena o ne a ye lefatsheng le hole ho ya newa borena, a nto kgutla.
13. Hoba a bitse ba leshome ba bahlanka ba hae, a nea e mong le e mong wa bona mina, a nto re ho bona: <Hwebang ka tsona, ho fihlela ke kgutla.>