Luka 19:14-25 BIBELE (SSO89SO)

14. “Empa kaha baahi ba naha ya hae ba ne ba mo hloile, ba mo sadisa baromuwa morao, ba re: <Ha re rate ha eo a rena hodima rona.>

15. “Eitse ha a kgutla, e se e le kgosi, a laela hore bahlanka bane bao a ba neileng tjhelete ba bitsetswe ho yena, hore a tle a tsebe hore na ba fumane phaello e kae ka ho hweba.

16. “Ha tla wa pele, a re: <Morena, mina ya hao e tswetse dimina tse leshome.>

17. “A re ho yena: <O entse hantle, mohlanka ya kgabane, hobane o ile wa tshepahala nthong e nyenyane, busa metse e leshome.>

18. “Ha tla wa bobedi, a re: <Morena, mina ya hao e tswetse dimina tse hlano.>

19. “Ho eo a re: <Wena okamela metse e mehlano.>

20. “Empa e mong a tla, a re: <Morena, bona, mina ya hao, eo ke neng ke e phuthetse leseleng, ke e patile, ke ena.

21. Ke o tshabile, hobane o motho ya thata: o nka seo o sa kang wa se bea, mme o kotula seo o sa kang wa se jala.>

22. “A re ho yena: <Ke tla o ahlola ka tsa molomo wa hao, mohlanka towe ya kgopo! O tsebile hore ke motho ya thata, ya nkang seo ke sa kang ka se bea, ya kotulang seo ke sa kang ka se jala!

23. Ke hobaneng ha o sa ka wa bea tjhelete ya ka bankeng? Ha ke kgutla nka be ke ile ka e ntsha hammoho le phaello!>

24. “A nto re ho ba emeng haufi: <Mo amoheng mina eo, le e nee ya nang le dimina tse leshome!>

25. “Ba re ho yena: <Morena, o se a ena le dimina tse leshome!>

Luka 19