Luka 19:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Jesu a fihla a phunyeletsa motse wa Jeriko.

2. Ho ne ho ena le monna ya bitswang Sakiya, eo e neng e le hlooho ya balekgetho, e bile e le morui.

3. A rata ho bona hore na Jesu ke mang, empa a sitwa ka baka la letshwele, hobane o ne a le mokgutshwanyane.

4. A mathela pele, a hlwella sefateng sa feiye e hlaha, hore a tle a mmone, kaha a ne a tla feta ka tsela eo.

5. Ha Jesu a fihla sebakeng seo, a lelalla sefateng, a re ho yena: “Sakiya, phakisa o theohe, hobane eka kgona ke hlole tlung ya hao kajeno.”

6. A phakisa a theoha, mme a mo amohela ka thabo.

7. Yare ha ba bona hoo, ba korotla bohle, ba re: “O fapohetse ha monna wa moetsadibe.”

8. Sakiya a ema, a re ho Morena: “Bona, Morena, maruo a ka ke a arolela mafutsana ka lehare, mme eo ke mo amohileng ho hong ka mano ke mmuseletsa hona hane.”

9. Yaba Jesu o re: “Kajeno lelapa lena le fumane pholoho, kaha le yena e le mora wa Aborahama,

10. hobane Mora Motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng.”

Luka 19