9. Le ba bang ba neng ba itshepa hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang, Jesu a ba bolella setshwantsho sena, a re:
10. “Banna ba babedi ba ile ba nyolohela Tempeleng ho ya rapela, e mong e le Mofarisi, e mong e le molekgetho.
11. Mofarisi a ema, a rapella ka pelong, a re: <Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, bao e leng balotsana, ba sa lokang, difebe, kapa leha e le jwaloka molekgetho enwa.
12. Ke itima dijo habedi ka beke; ke ntsha karolo e le nngwe ho ya tsohle tseo ke di fumanang.>
13. “Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: <Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe.>
14. “Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a lokafaditswe ho ena le yane, hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”
15. Jwale batho ba tlisa le masea ho Jesu hore a tle a a ame, empa ha barutuwa ba bona hoo, ba ba kgalemela.
16. Empa Jesu a a bitsa, a re: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.
17. Ruri ke a le bolella, mang le mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, ha a ka ke a kena ho wona.”