37. Ba se bolella hore Jesu wa Nasaretha o a feta.
38. Yaba se a howa, se re: “Jesu, mora Davida, nkgauhele!”
39. Ba tsamayang kapele ba se kgalemela hore se thole, empa sona sa eketsa ho howa haholo, sa re: “Mora Davida, nkgauhele!”
40. Jesu a ema, a laela hore se tliswe ho yena. Yare hoba se atamele, a se botsa, a re:
41. “O rata ha ke o etsetsa eng?”Sa re: “Morena, nke ke boele ke bone!”
42. Jesu a re ho sona: “Boela o bone! Tumelo ya hao e o fodisitse.”
43. Hanghang sa boela sa bona, mme sa latela Jesu se ntse se tlotlisa Modimo. Batho bohle, ha ba bona hoo, ba rorisa Modimo.