Luka 18:32-43 BIBELE (SSO89SO)

32. hobane o tla neelwa baditjhaba, a songwe, a etswe hampe, a tshwelwe ka mathe;

33. hoba ba mo shape, ba tla mmolaya, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha.”

34. Empa ha ba a ka ba utlwisisa letho la ditaba tsena; polelo ena e ne e ba siretse, ba sa utlwisise se bolelwang.

35. Eitse ha Jesu a atamela Jeriko, sefofu se seng sa be se dutse pela tsela, se kopa.

36. Yare ha se utlwa letshwele le feta, sa botsa hore na ekaba hoo keng.

37. Ba se bolella hore Jesu wa Nasaretha o a feta.

38. Yaba se a howa, se re: “Jesu, mora Davida, nkgauhele!”

39. Ba tsamayang kapele ba se kgalemela hore se thole, empa sona sa eketsa ho howa haholo, sa re: “Mora Davida, nkgauhele!”

40. Jesu a ema, a laela hore se tliswe ho yena. Yare hoba se atamele, a se botsa, a re:

41. “O rata ha ke o etsetsa eng?”Sa re: “Morena, nke ke boele ke bone!”

42. Jesu a re ho sona: “Boela o bone! Tumelo ya hao e o fodisitse.”

43. Hanghang sa boela sa bona, mme sa latela Jesu se ntse se tlotlisa Modimo. Batho bohle, ha ba bona hoo, ba rorisa Modimo.

Luka 18