Luka 18:21-37 BIBELE (SSO89SO)

21. A re: “Tsena tsohle ke di bolokile ho tloha botjheng ba ka.”

22. Yare ha Jesu a utlwa hoo, a re ho yena: “O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana, mme o tla ba le letlotlo lehodimong, jwale o tle, o ntatele.”

23. Empa ha a utlwa tsena, a swaba haholo, hobane o ne a ruile haholo.

24. Eitse ha Jesu a bona hore o swabile haholo, a re: “Ho thata hakaakang ho barui ho kena Mmusong wa Modimo!

25. Ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale, ho ena le hore morui a kene Mmusong wa Modimo.”

26. Ba utlwileng ba re: “Ke mang he, ya ka pholoswang?”

27. Jesu a re: “Tse sitang batho ha di site Modimo.”

28. Yaba Petrose o re: “Bona, rona re tlohetse ding tsa rona, ra o latele.”

29. Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella hore ha ho le ya mong ya tlohetseng ntlo, kapa mosadi, kapa bana babo, kapa batswadi, kapa bana, ka baka la Mmuso wa Modimo,

30. eo nakong ena a ke keng a buseletswa haholo, mme mehleng e tlang a amohela bophelo bo sa feleng.”

31. Hoba Jesu a nkele ba leshome le metso e mmedi kathoko, a re ho bona: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tse ngotsweng ke baporofeta ka Mora Motho, di tla phethahala,

32. hobane o tla neelwa baditjhaba, a songwe, a etswe hampe, a tshwelwe ka mathe;

33. hoba ba mo shape, ba tla mmolaya, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha.”

34. Empa ha ba a ka ba utlwisisa letho la ditaba tsena; polelo ena e ne e ba siretse, ba sa utlwisise se bolelwang.

35. Eitse ha Jesu a atamela Jeriko, sefofu se seng sa be se dutse pela tsela, se kopa.

36. Yare ha se utlwa letshwele le feta, sa botsa hore na ekaba hoo keng.

37. Ba se bolella hore Jesu wa Nasaretha o a feta.

Luka 18