Luka 18:16-30 BIBELE (SSO89SO)

16. Empa Jesu a a bitsa, a re: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.

17. Ruri ke a le bolella, mang le mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, ha a ka ke a kena ho wona.”

18. Mmusi e mong a botsa Jesu, a re: “Moruti ya molemo, nka etsa eng hore ke tle ke rue bophelo bo sa feleng?”

19. Jesu a re ho yena: “O mpitsetsang ya molemo? Ha ho ya molemo haese a le mong, e leng Modimo.

20. O tseba ditaelo tse reng: <O se ke wa feba; o se ke wa bolaya; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong; hlompha ntatao le mmao.> ”

21. A re: “Tsena tsohle ke di bolokile ho tloha botjheng ba ka.”

22. Yare ha Jesu a utlwa hoo, a re ho yena: “O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana, mme o tla ba le letlotlo lehodimong, jwale o tle, o ntatele.”

23. Empa ha a utlwa tsena, a swaba haholo, hobane o ne a ruile haholo.

24. Eitse ha Jesu a bona hore o swabile haholo, a re: “Ho thata hakaakang ho barui ho kena Mmusong wa Modimo!

25. Ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale, ho ena le hore morui a kene Mmusong wa Modimo.”

26. Ba utlwileng ba re: “Ke mang he, ya ka pholoswang?”

27. Jesu a re: “Tse sitang batho ha di site Modimo.”

28. Yaba Petrose o re: “Bona, rona re tlohetse ding tsa rona, ra o latele.”

29. Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella hore ha ho le ya mong ya tlohetseng ntlo, kapa mosadi, kapa bana babo, kapa batswadi, kapa bana, ka baka la Mmuso wa Modimo,

30. eo nakong ena a ke keng a buseletswa haholo, mme mehleng e tlang a amohela bophelo bo sa feleng.”

Luka 18