12. Ke itima dijo habedi ka beke; ke ntsha karolo e le nngwe ho ya tsohle tseo ke di fumanang.>
13. “Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: <Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe.>
14. “Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a lokafaditswe ho ena le yane, hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”
15. Jwale batho ba tlisa le masea ho Jesu hore a tle a a ame, empa ha barutuwa ba bona hoo, ba ba kgalemela.
16. Empa Jesu a a bitsa, a re: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.
17. Ruri ke a le bolella, mang le mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, ha a ka ke a kena ho wona.”
18. Mmusi e mong a botsa Jesu, a re: “Moruti ya molemo, nka etsa eng hore ke tle ke rue bophelo bo sa feleng?”
19. Jesu a re ho yena: “O mpitsetsang ya molemo? Ha ho ya molemo haese a le mong, e leng Modimo.
20. O tseba ditaelo tse reng: <O se ke wa feba; o se ke wa bolaya; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong; hlompha ntatao le mmao.> ”
21. A re: “Tsena tsohle ke di bolokile ho tloha botjheng ba ka.”
22. Yare ha Jesu a utlwa hoo, a re ho yena: “O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana, mme o tla ba le letlotlo lehodimong, jwale o tle, o ntatele.”
23. Empa ha a utlwa tsena, a swaba haholo, hobane o ne a ruile haholo.