Luka 18:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale Jesu a ba bolella setshwantsho sa hore eka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala.

2. A re: “Moahlodi ya sa tshabeng Modimo, ya sa reng letho ka motho, o ne a le teng motseng o mong.

3. Ho ne ho ena le mosadi wa mohlolohadi motseng oo, mme o ne a ye a tle ho yena, a re: <Nkahlolele ho ya ntsekisang.>

4. “A hana ka nako e itseng, empa hamorao a inahana, a re: <Leha ke sa tshabe Modimo, le motho ke sa re letho ka yena,

5. feela kahobane mohlolohadi enwa o a nkgathatsa, ke tla mo ahlolela, esere qetellong a nngamola hlooho ka ho nna a etla.> ”

6. Yaba Morena o re: “Utlwang seo moahlodi ya sa lokang a se bolelang.

7. Na Modimo ha a na ho ahlolela bakgethwa ba hae ba mo rapelang motsheare le bosiu? Na o tla ba diehela?

8. Ke a le bolella hore o tla ba ahlolela kapelepele. Leha ho le jwalo, na Mora Motho ha a etla, o tla fumana tumelo lefatsheng?”

9. Le ba bang ba neng ba itshepa hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang, Jesu a ba bolella setshwantsho sena, a re:

10. “Banna ba babedi ba ile ba nyolohela Tempeleng ho ya rapela, e mong e le Mofarisi, e mong e le molekgetho.

Luka 18