5. “A bitsa ba nang le molato ho monga hae ka bomong, a re ho wa pele: <O na le molato o mokae ho monga ka?>
6. “Eo a re: <Ke ditekanyo tse lekgolo tsa ole.>“A re ho yena: <Nka lengolo la hao la molato, o ngole kapelepele mashome a mahlano.>
7. “A ntano re ho e mong: <Wena molato wa hao o mokae?>“Eo a re: <Ke ditekanyo tse lekgolo tsa koro.>“A re ho yena: <Nka lengolo la hao la molato, o ngole mashome a robedi.>
8. “Monga hae a rorisa mookamedi eo ya sa tshepahaleng, kaha a sebeditse ka masene, hobane bana ba lefatshe, molokong wa bona, ba masene ho feta bana ba lesedi.
9. “Nna ke a le bolella: Iketsetseng metswalle ka leruo le sa lokang, hore e tle ere ha le fela, ba le amohele meahong e sa feleng.
10. Ya tshepahalang tabeng e nyenyane o tshepahala le ho e kgolo, mme ya sa tshepahaleng tabeng e nyenyane ha a tshepahale le ho e kgolo.
11. Ha e le moo le sa ka la tshepahala leruong le sa lokang, ke mang ya tla le tshepela la sebele?
12. Ha le bile le sa ka la tshepahala ho seo e leng sa e mong, ke mang ya tla le nea seo e leng sa lona?
13. “Ha ho mohlanka ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.”