Luka 16:20-31 BIBELE (SSO89SO)

20. Mofutsana e mong ya bitswang Lasaro o ne a beilwe mathuleng a ntlo ya morui eo, a tletse diso.

21. O ne a lakatsa ho iphepa ka tse wang tafoleng ya morui. Le dintja di ne di etla di nyeka diso tsa hae.

22. “Jwale ha etsahala hore mofutsana a shwe, mme mangeloi a mo nkele sefubeng sa Aborahama. Le morui a shwa, mme a patwa.

23. Ha a phahamisa mahlo a le ditlhokofatsong, Nqalong ya Bafu, a bona Aborahama a le hole, Lasaro a le sefubeng sa hae.

24. Yena a howa, a re: <Ntate Aborahama, ako nkutlwele bohloko! Roma Lasaro, hore a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a phodise leleme la ka, hobane mollo ona o tjhesa habohloko!>

25. “Empa Aborahama a re: <Ngwana ka, hopola hore tse molemo tsa hao o di amohetse bophelong ba hao; ka mokgwa o jwalo Lasaro o amohetse tse mpe, empa jwale o tshediswa mona, ha wena o hlokofatswa.

26. Ntle ho tsena tsohle, kgohlo e kgolo e teng pakeng tsa rona le lona, e le hore ba ratang ho tloha mona ba tshelela ho lona ba sitwe, leha e le ba tlohang moo ba tshelela ho rona.>

27. “Empa a re: <Ha ho le jwalo ke a o kopa, ntate, hore o mo rome tlung ya ntate,

28. hobane ke na le bana beso ba bahlano, a tle a ba laye, esere le bona ba tla sebakeng sena sa tlhokofatso.>

29. “Empa Aborahama a re: <Ba na le Moshe le Baporofeta; a ba utlwe bona.>

30. “A mpa a re: <Wee, ntate Aborahama, ha e mong ya tswang bafung a ka ya ho bona, ba tla baka.>

31. “Aborahama a re ho yena: <Ha ba sa utlwe Moshe le Baporofeta, ha ba ka ke ba kgolwa leha e mong a ka tsoha bafung.> ”

Luka 16