1. Jesu a boela a re ho barutuwa: “Ho ne ho ena le morui ya nang le mookamedi wa ntlo, mme eo a qoswa ho yena, ha thwe o hafa maruo a monga hae.
2. A mmitsa, a re ho yena: <Ke utlwa dife ka wena? Neelana ka tsa bookamedi ba hao, hobane ha o ka ke wa hlola o eba mookamedi.>
3. “Jwale mookamedi a re ka ho yena: <Ke tla etsang, ha e le moo monga ka a nkamoha bookamedi? Ha ke na matla a ho sebetsa ka thata, le teng ke dihlong ho kopa.
4. Ke tseba seo ke tla se etsa, hore batho ba tle ba nkamohele ha bona ha ke se ke ntshitswe bookameding.>
5. “A bitsa ba nang le molato ho monga hae ka bomong, a re ho wa pele: <O na le molato o mokae ho monga ka?>
6. “Eo a re: <Ke ditekanyo tse lekgolo tsa ole.>“A re ho yena: <Nka lengolo la hao la molato, o ngole kapelepele mashome a mahlano.>
7. “A ntano re ho e mong: <Wena molato wa hao o mokae?>“Eo a re: <Ke ditekanyo tse lekgolo tsa koro.>“A re ho yena: <Nka lengolo la hao la molato, o ngole mashome a robedi.>
8. “Monga hae a rorisa mookamedi eo ya sa tshepahaleng, kaha a sebeditse ka masene, hobane bana ba lefatshe, molokong wa bona, ba masene ho feta bana ba lesedi.
9. “Nna ke a le bolella: Iketsetseng metswalle ka leruo le sa lokang, hore e tle ere ha le fela, ba le amohele meahong e sa feleng.
10. Ya tshepahalang tabeng e nyenyane o tshepahala le ho e kgolo, mme ya sa tshepahaleng tabeng e nyenyane ha a tshepahale le ho e kgolo.
11. Ha e le moo le sa ka la tshepahala leruong le sa lokang, ke mang ya tla le tshepela la sebele?
12. Ha le bile le sa ka la tshepahala ho seo e leng sa e mong, ke mang ya tla le nea seo e leng sa lona?