Luka 15:8-26 BIBELE (SSO89SO)

8. “Kapa ke ofe mosadi ya nang le didrakema tse leshome, eo ekareng ha a ka lahlehelwa ke drakema e le nngwe, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a batla ka tlhokomelo, ho fihlela a e fumana?

9. Ha a e fumane, a bitse metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re: <Thabang le nna, hobane ke fumane drakema e neng e ntahlehetse!>

10. Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.”

11. Jesu a re: “Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi.

12. E monyenyane a re ho ntatae: <Ntate, mphe karolo ya leruo eo e leng ya ka.> A ba arolela leruo la hae.

13. “Kamora matsatsi a se makae, mora e monyenyane a bokella tsohle, a fallela lefatsheng le hole, mme teng a hafa leruo la hae ka ho phela habohlaswa.

14. Yare hoba a hafe tsohle, ha wa tlala e kgolo lefatsheng leo, mme a qala ho hloka.

15. A tholwa ke e mong wa baahi ba lefatshe leo, mme eo a mo romela naheng ho ya alosa dikolobe.

16. O ne a bile a lakatsa ho ja ditholwana tsa difate tse jewang ke dikolobe, empa ho se ya mo fang.

17. “Eitse hoba a ikelellwe, a re: <Bahiruwa ba bangata hakaakang ba ntate ba jang ba be ba di shebe feela, empa nna mona ke bolawa ke tlala.

18. Ke tla tsamaya, ke ye ho ntate, ke re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena:

19. Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao; ako nketse e mong wa bahiruwa ba hao.>

20. A tsamaya, a ya ho ntatae.“Yare a sa le hole ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a mo kopa ka molala, a mo aka.

21. “Mora a re ho yena: <Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena: Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao.>

22. “Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: <Phakisang le tlise seaparo se setlesetle, le mo apesa sona, le mo rwese lesale monwaneng, le meqathatso maotong.

23. Hape le tlise namane e nontshitsweng, le e hlabe, re je, mme re keteke,

24. kahobane mora enwa wa ka o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.> Yaba ba qala ho keteka.

25. “Mora wa hae e moholo o ne a le naheng. Ha a kgutla, mme a se a atametse ntlo, a utlwa diletsa le motjeko.

26. A bitsa e mong wa bahlanka, a mmotsa, a re: <Ho etswang moo?>

Luka 15