Luka 15:3-12 BIBELE (SSO89SO)

3. Yaba o ba bolella setshwantsho, o re:

4. “Ke ofe hara lona ya nang le dinku tse lekgolo, eo ekareng ha a lahlehetswe ke e nngwe ya tsona, a ke keng a siya tse mashome a robong a metso e robong naheng, a yo batla e lahlehileng, ho fihlela a e fumana?

5. Ha a e fumane, a e jare a thabile,

6. mme ha a fihla hae a bitse metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: <Thabang le nna, hobane ke fumane nku ya ka e neng e lahlehile!>

7. Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.

8. “Kapa ke ofe mosadi ya nang le didrakema tse leshome, eo ekareng ha a ka lahlehelwa ke drakema e le nngwe, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a batla ka tlhokomelo, ho fihlela a e fumana?

9. Ha a e fumane, a bitse metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re: <Thabang le nna, hobane ke fumane drakema e neng e ntahlehetse!>

10. Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.”

11. Jesu a re: “Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi.

12. E monyenyane a re ho ntatae: <Ntate, mphe karolo ya leruo eo e leng ya ka.> A ba arolela leruo la hae.

Luka 15