20. A tsamaya, a ya ho ntatae.“Yare a sa le hole ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a mo kopa ka molala, a mo aka.
21. “Mora a re ho yena: <Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena: Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao.>
22. “Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: <Phakisang le tlise seaparo se setlesetle, le mo apesa sona, le mo rwese lesale monwaneng, le meqathatso maotong.
23. Hape le tlise namane e nontshitsweng, le e hlabe, re je, mme re keteke,
24. kahobane mora enwa wa ka o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.> Yaba ba qala ho keteka.
25. “Mora wa hae e moholo o ne a le naheng. Ha a kgutla, mme a se a atametse ntlo, a utlwa diletsa le motjeko.
26. A bitsa e mong wa bahlanka, a mmotsa, a re: <Ho etswang moo?>
27. “Eo a re ho yena: <Moena hao o fihlile, mme ntatao o mo hlabetse namane e nontshitsweng, kahobane a boetse a mo fumane a sa phela hantle.>
28. “A halefa, a hana ho kena. Ntatae a tswa, a mo rapela.
29. Empa a araba, a re ho ntatae: <Bona, ke o sebeleditse dilemo tse kanakana, ke bile ke eso ka ke tlola le taelo ya hao, feela ha o eso nnee le potsanyane, hore nke ke keteke le metswalle ya ka,
30. empa ere ha ho fihla enwa mora wa hao, ya jeleng leruo la hao le diotswa, o mo hlabela namane e nontshitsweng!>
31. “Ntatae a re ho yena: <Ngwana ka, wena o na le nna kamehla, mme tsohle tsa ka ke tsa hao.
32. Ho a lokela hore re keteke, re thabe, kahobane ngwana enwa weno o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.> ”