Luka 14:6-14 BIBELE (SSO89SO)

6. Ba sitwa ho arabela ditaba tsena.

7. Jwale Jesu a bolella bamemuwa setshwantsho, ha a lemoha kamoo ba kgethang tulo tse kapele kateng, a re ho bona:

8. “Ha o memilwe ke motho moketeng wa lenyalo, o se ke wa dula ditulong tse kapele, esebe e mong ya o fetang ka ho hlompheha le yena o memilwe,

9. ebe ya le memileng o a tla, o re ho wena: <Suthela monna enwa sebaka,> ebe moo o qalang ho ya dula ka dihlong tulong tse kamorao.

10. Empa ha o memilwe, eya o dule ditulong tse kamorao, hore ha ya o memileng a etla, a tle a re ho wena: <Motswalle, fetela ditulong tse kapele!> ebe moo o fumanang hlompho mahlong a ba dutseng le wena,

11. hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, athe ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”

12. Yaba Jesu o re le ho ya mo memileng: “Ha o etsa mokete wa dijo tsa motsheare kapa tsa mantsiboya, o se ke wa mema metswalle ya hao, leha e le bana beno, leha e le bang ka wena, leha e le barui bao o ahisaneng le bona, esere le bona ba boela ba o mema, kgalapa tsa buseletsana.

13. Empa ha o etsa mokete, mema mafutsana, le dihole, le diritsa, le difofu,

14. mme o tla ba lehlohonolo, hobane ba ke ke ba o buseletsa. O tla buseletswa mohla tsoho ya ba lokileng.”

Luka 14